letras.top
a b c d e f g h i j k l m n o p q r s t u v w x y z 0 1 2 3 4 5 6 7 8 9 #

letra de ke lorile - kommanda obbs

Loading...

[verse 1]
koliamala esale thoko
methoai-thoai, mabatla-tjako
re jere bokhopo ka mahetla
e tlangoe thoto ho tsoa ka makhalo
e ile meleko ho setse lithako
bo-ncheme li ba khamme lipalo
li ba qalile maao seka mongele a khoho
li ba jarisitse meroalo
ha se joale tjena
ba fataka makoatsi qhoeng
ba ithehile liboko tsa manyesemane
ke re ba ikentse mesuoe
haoueng banna!
[?] mekoka lithoteng
haele ntoeng teng, banna, o tla li hlatsa lisalate li le khubelu
[?] role le thunye
ke khoale thota mosiphalla
bo-ncheme ba tilinye meropa
ba thoholetse koeta sa likhaka
ha ke etsa tjena, banna, ke re ke tlala libaka
ke re ke fahla ‘muso ka lehlabathe
ke baka litaba

[chorus]
ke lorile, ke lorile ke ja bosekane
bosiung ba maobane
ke lorile, ke lorile ke ja bosekane
bosiung ba maobane
ke lorile, ke lorile ke ja bosekane

ke lorile, ke lorile ke ja bosekane
bosiung ba maobane
ke lorile, ke lorile ke ja bosekane
bosiung ba maobane
ke lorile, ke lorile ke ja bosekane
bosiung ba maobane

[verse 2]
batho ke bana nkehile ke pale tsa bojaki, banna
ke re le ka tshosoa joang ka lihele le sa litsebe, bahlabani (chuo!)
ke poho ‘na, ha ke nyarosoe ke koko tsa basali
ke tiile pelo ha ke thetsoe ke se molisana oa manemane
linyatsi li re ke photlile liphate li alotsoe sekhooa
ngaka li re ke qakile lihlare
‘me haele ntoa ke e hlotse li sa tloha
li pota ha beli feela, tsotsi e pepa lirethe
kapa u tla le nyeka leroele lieteng tsa kommanda
bashanyana ba u betha
le itloaelitse ho hana lintho hobane feela le sa li utloisisi
ehlile mokhoa lona le tloaetse ho nka liqeto le sa botsesisi
ho ntse ho senyaha feela ha ho loke
lefats’e ke lena le khenathetse
tlatlamacholo a k’u kene pelong tsa linokoane
[?]

[pre-chorus]
a k’o bone ha mesoasoanyane e ntlalla lijase
bashana bana ba ‘matha lipache
ke ‘na eo, ke ‘na eo, bashanyan ke ‘na eo, ke ‘na eo

[chorus]
ke lorile, ke lorile ke ja bosekane
bosiung ba maobane
ke lorile, ke lorile ke ja bosekane
bosiung ba maobane
ke lorile, ke lorile ke ja bosekane

ke lorile, ke lorile ke ja bosekane
bosiung ba maobane
ke lorile, ke lorile ke ja bosekane
bosiung ba maobane
ke lorile, ke lorile ke ja bosekane
bosiung ba maobane

letras aleatórias

MAIS ACESSADOS

Loading...