letras.top
a b c d e f g h i j k l m n o p q r s t u v w x y z 0 1 2 3 4 5 6 7 8 9 #

letra de ke nale modisa - ipcc

Loading...

ke na le modisa
ke tla be ke hloka’ng?
ke ya ipitsang jehova
modimo o phelang
o nkisa botaleng,
dijong tse mphelisang
o nkalosa dinokaneng
metsing a nkgodisang
he ke lahlehile
o nkgutlisa hae
o nkisa tseleng ya nnete
ka lerato la hae
le ha ke tla feta
kgohlong e lefifi
ha nkake ka tshoha tsela
e thehilweng lefu
ke tshepa modisa
ya disang ka lentswe
ke yena a tla ntshidisa
ka mohau wa hae
dira li ka ntlhoya
ke sa ja monono
mohope wa kgaphatseha
ke dutse ka thabo
o sa tla mpaballa
ka bophelong bona
me ke tla hlola ka mehla
ka ntlong ya morena. amen
seteng sediba
seteng sediba sa madi
aletareng ya tefelo
diba se e leng sehlare
matl’a sona ke bophelo
baetsadibe ba batsho
ba se kenang ka tumelo
ba tloha teng ka basweu
ka thabo le ka tshwarelo
e sa le ke ihlatswa teng
ke ntse ke bina topollo
ke be ke kene moreneng
madulong a dinyakallo
mohlang oo, ke tla kopana
kganyeng le bohle ba hlotseng
ba binang pel’a konyana
rato le ba lopolotseng
bare amen halleluyah
ho boraro bo teroneng
ntate le mora le moya
ba bine ka ho sa feleng. amen
ke se ke utlwile
ke se ke utlwile
jesu, ha o mpitsa
o mpona ke lahlehile
o re, wa mpholosa
e, ke dumetse
nthole, morena
nhlatswe, nhlakodisise
ke be motle le’na
ke tla ka ditshila
ke moetsa dibe
ke tla ke le feela-feela
oho nkgauhele
nkapese ka matla
wena ka sebele
ntlholele sebe ka mehla
o nketse mohale
wena ya mpitsitseng
nthwese tumelo
lerato le phetehileng
le kgotso le thabo
o nhlwekise pelo
o muse le kutlo
tsohle tse ho’na tsa botho
di kganye ka hlweko. amen

letras aleatórias

MAIS ACESSADOS

Loading...